Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 8:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Amohelang thuto ya ka ho fetisa silefera, le tsebo ho fetisa kgauta e hlwekileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Inkeleng thuto ya ka ho ena le silefera, ikgetheleng tsebo ho ena le kgauta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 8:10
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgauta e hlwekileng e ke ke ya bo reka; silefera e ke ke ya lekanyeletswa theko ya jona;


Kgauta le kristale ha di bapiswe le jona; leha e le dikgabiso tsa kgauta, di ke ke tsa bo reka;


Ka baka leo, ke rata ditaelo tsa hao ho fetisa kgauta, le kgauta e tshekehileng.


Ke ithabisa ka lentswe la hao, jwaloka motho ya ithabisang ka kgapo e kgolo.


Molao o tswileng molomong wa hao ho nna o fetisa dikete tsa ditjhelete tsa kgauta le silefera.


Leleme la ya lokileng ke silefera e hlwekileng; empa pelo ya e mobe ke lefeelafelane.


Ho rua bohlale ho fetisa ho rua kgauta e hlwekileng hakakang! le ho rua masene ho feta ho rua silefera hakakang!


Kgauta e teng, le diperela tse ngata, empa ntho e theko e thata ke melomo e rutehileng.


Rua nnete, o se ke wa rekisa ka yona, le bohlale, le thuto, le kelello.


Tholwana ya ka e monate ho fetisa kgauta, leha e ka ba kgauta e hlwekileng; tse kotulwang ho nna di feta silefera e hlwekileng.


Bohlale bo molemo jwaloka lefa, bo fetisa le lefa ka molemo ho ba bonang letsatsi;


Yaba Petrose o re: Ha ke na silefera le kgauta; empa seo ke nang le sona, ke o fa sona: Ka lebitso la Jesu wa Nasaretha, ema, o tsamaye.


jwaloka hoja re hlomohile, athe re thabile kamehla; jwaloka hoja re a fumaneha, athe re ruisa ba bangata; jwaloka hoja ha re na letho, athe re ruile ntho tsohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ