7 ka bona ho le dithoto, hara ba batjha ka lemoha mohlankana e mong ya hlokang kutlwisiso;
7 Ka tadima hara ba se nang tsebo, ka bona mohlankana ya hlokang kutlwisiso,
Mahlo a mofebi a lebeletse shwalane; o re: Ha ho leihlo le ka mponang; hape o ikwahela sefahleho ka lesira.
Tshenolo ya mantswe a hao e a edisa, e nea dithoto kutlwisiso.
Molao wa Jehova o lokile, o kgatholosa moya; bopaki ba Jehova bo a tshepeha, bo hlalefisa sethoto.
bo re: Helang, lona dithoto, le tla rata bothoto ho le hokae na? Ho tla nne ho be hokae na basomi ba thabelang ho soma, mme mahlanya a hloya tsebo na?
Hobane ho kgeloha ha dithoto ke ho di bolayang, ho iketla ha mahlanya ke ho a timetsang.
ho hlalefisa sethoto, ho nea mohlankana tsebo le kelello.
Bohlale bo fumanwa molomong wa motho ya masene, empa thupa e mokokotlong wa ya sa utlweng.
Ya itemelang tshimo o tla kgora bohobe; haele ya ineelang tsa bosawana, ha a na kelello.
Sethoto se dumela ditaba tsohle; empa ya nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.
Lefa la dithoto ke bowatla; empa ba masene ba tla rwala moqhaka wa tsebo.
Tjheseho e se nang tsebo ha e thuse letho, mme ya potlakisang maoto a hae o a lahleha.
Otla mosomi, mme sethoto se tla hlalefa; o laye motho ya kelello, o tla rua tsebo.
Motho ya pelokeletsi o bonela kotsi pele, mme o a itshireletsa; empa ya leebelo yena o ya pele, mme o wela tsietsing.
Ke ne ke feta pela tshimo ya sekgoba, le pela morara wa ya leahlama;
Motho ya pelokeletsi o bonela kotsi pele, mme o a itshireletsa; mawatla a feta feela, mme a hlahelwa ke tsietsi.
Mora wa ka, o ele bohlale ba ka hloko, o sekehele thuto ya ka tsebe;
Mora ka, boloka ditaelo tsa ntatao, o se ke wa furalla thuto ya mmao.
Ya febang le mosadi o feletswe ke kelello; ya etsang hoo o itimetsa moya wa hae kasebele.
Oho! lona dithoto, ithuteng masene; le lona mawatla, le batle kutlwisiso.
Ya leebelo a fapohele kwano; mme ho sethoto bo re:
He! ya sethoto ke mang? a fapohele kwano!
Ruri setjhaba sa ka ke sethoto, ha se ntsebe; ke bana ba mawatla ba se nang kelello; ba bohlale ho etsa hampe, empa ha ba tsebe ho etsa hantle.
Empa Jesu a re: Na le sa hloka kelello le lona na?