Yare ha Isaaka a se a ahetse teng haleletsana, Abimeleke, morena wa Bafilesta, a tadima ka fenetere, mme a tshoha a bona Isaaka a ntse a bapala le Rebeka, mosadi wa hae.
Areka ya Jehova ha e fihla motseng wa Davida, Mikale, moradi wa Saule, ha a nyarela ka fensetere, a bona morena Davida a tlolaka, a hobela pela Jehova, mme a mo nyedisa ka pelong ya hae.
Moratuwa wa me o lekisa tshephe, leha e le namane ya kgama; ke yane, o eme kamora lehora la heso, o tadima ka sefensetere, o nyarela ka dipaka tsa dithupa tse haheleditseng.
Mma Sisera o nyarela ka fensetere se haheleditsweng ka dithupa, o howa, o re: Koloi ya hae e diehetseng ho hlaha? Maoto a makoloi a hae a tsamaelang butle?