Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 7:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 O lotolotse dikeletso tsa ka, mme o tla phela; o boloke dithuto tsa ka jwaloka thaka tsa mahlo a hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Boloka taelo tsa ka o tle o phele, thuro tsa ka le tsona di hlokomele; di hlokomele seka thaka ya ihlo la hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 7:2
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho loka ha dikeletso tsa hao ke ho sa feleng; u mphe kutlwisiso, ke tle ke phele!


Tshwara tayo ka matla, o se ke wa e lesa ya phonyoha, o e boloke, hobane ke bophelo ho wena.


Di se ke tsa tloha pela mahlo a hao, o nne o di boloke ka pelong.


ntate o ne a nthuta, a re ho nna: Pelo ya hao e boloke dipolelo tsa ka hantle, o lotolotse dikeletso tsa me, mme o tla phela.


Sekehang ditsebe, le tle ho nna! Mamelang, meya ya lona e tle e phele! Mme ke tla le sitsa ka selekane sa kamehla sa mehau e tiileng e baletsweng Davida.


Jeremia a mo araba, a re: O ke ke wa neelwa matsohong a bona. O mpe o mamele lentswe la Jehova, lona leo ke o bolellang lona, mme ho tla ba molemo ho wena, moya wa hao o phele.


Le tla boloka ke hona melao ya ka le ditaelo tsa ka; motho ya tlang ho ya ka tsona, o tla phela ke tsona. Ke nna Jehova.


Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke ka ho re ho bonahatswe kganya ya hae a nthomileng ho ditjhaba tse le hapileng; hobane ya le amang o ama thaka ya leihlo la hae;


Ya nang le melao ya ka, mme a e boloka, ke yena ya nthatang; mme ya nthatang o tla ratwa ke Ntate; le nna ke tla mo rata, mme ke tla ipontsha yena.


Lona le tla ba metswalle ya ka, ha le etsa tsohle tseo ke le laelang tsona.


Jehova o mo fumane a le nahathothe, feelleng le tshabehang ka bobe le ka mehoo ya tshenyeho; a mo teela hare kahohle, a mo hlokomela, a mo boloka jwaloka hoja e le thaka ya leihlo la hae.


Ho lehlohonolo ba hlatswang diaparo tsa bona, ba tle ba lokele ho ja sefate sa bophelo, mme ba kene motseng ka menyako ya wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ