Empa Morena Jehova ke thuso ya ka; ka baka leo, ke mameletse dihlong; ka baka leo, sefahleho sa ka ke se entse jwaloka lehakwe, mme ke tsebile hore nke ke ka tsieleha.
Haele diotswa tsohle, di ye di nke neo; empa wena, o neile barati bohle ba hao neo tsa hao, wa ba qeka ka dimpho tsa hao, hore ba tle ho wena ba porotlile, ho tla bootsweng ba hao.
Haele wena, mora motho, o se ke wa ba tshaba, o se ke wa tshoha mantswe a bona, leha bona ho wena e le bobatsi le meutlwa, mme o ahile le diphepheng. Se tshohe mantswe a bona, o se ke wa tepella ka baka la bona, etswe e le ntlo ya bahanyetsi.
Empa ke na le ditaba tse seng kae tseo ke di nyatsang ho wena; ke hobane o dumella Jesebele, mosadi eo ya ipitsang moporofeta, ho ruta, le ho kgelosa bahlanka ba ka, hore ba tle ba etse bohlola, mme ba je dinama tse hlabetsweng medimo ya bohata.