Hobane e se e le kgale o robile joko ya hao, o lokolotse ditlamo tsa hao, wa re: Ha ke sa tla sebeletsa. Ke moo o ineetseng bootswa marallaneng wohle a phahameng le katlasa difate tsohle tse mahlaku.
Emisetsa mahlo a hao marallaneng, o tadime; ke ha e le kae moo o sa kang wa feba teng na? O ne o ntse o ba duletse ditseleng jwaloka Moarabe ya lefeelleng, mme wa silafatsa lefatshe ka bootswa ba hao le ka bolotsana ba hao.
wa ya haha moaho wa hao o sedikwadikwe makopanong wohle a ditsela, wa etsa dinqalo tse diphahameng tsa hao mapatlelong wohle; o mpa o sa ka wa tshwana le seotswa kahohle, etswe o ne o kgesa moputso;
Lesedi la dilampi ha le sa tla hlola le bonesa ha hao; le lentswe la monyadi le la monyaduwa ha le sa tla hlola le utlwahala ha hao; hobane bahwebi ba hao e ne e le benghadi ba lefatshe, le hobane ditjhaba kaofela di kgelositswe ke bolao ba hao.
Hobane ditjhaba tsohle di nwele veine ya bohale ba bootswa ba hae; mme marena a lefatshe a febile le yena, mme bahwebi ba lefatshe ba enne ka boholo ba menono ya hae.