Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 6:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Hela wena, sekgoba towe! o tla robala ho le hokae na? O tla soha neneng borokong ba hao na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Wena sekgoba, o tla robala ho fihlela neng? O tla tsoha neng borokong ba hao?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 6:9
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lemohang, lona ba fetisang ka botlampa hara batho! Lona mahlanya, le tla hlalefa neng?


bo re: Helang, lona dithoto, le tla rata bothoto ho le hokae na? Ho tla nne ho be hokae na basomi ba thabelang ho soma, mme mahlanya a hloya tsebo na?


Botswa bo dihela motho bodibeng ba boroko, mme moya wa mokokorohi o tla lapa.


Se rate boroko, esere mohlomong wa fumaneha; phaphama, o tutubolohe, mme o tla kgora bohobe.


Lemati la monyako le iphetola mahokelong a lona, le motswafi diphateng tsa hae.


O re: A nke ke robale ho se hokaenyana, ke boele ke re shwa hanyenyane, ke iphuthe matsoho, nke ke otsele hanyenyane.


Hela sekgoba! eya ho bohlwa, o qamake mekgwa ya bona, o tle o hlalefe.


leha ho le jwalo, bo itokisetsa bohobe ba bona lehlabula, bo ipokellela dijo ha ho kotulwa.


Ya iphuthang matsoho, ya itjang e le yena ke lewatla;


Jerusalema, o itlhatswe bolotsana ba pelo ya hao, o tle o namolelwe; mehopolo ya bokgopo e tla ikahela ho le hokae kahare ho wena na?


Monna a hlaha, a romilwe ke Modimo, lebitso la hae e le Johanne.


Le tiisetseng teng, kahobane re tseba dinako, hoba e se e le nako ya ho tsoha borokong; hobane haele kajeno, poloko e haufi le rona ho fetisa mohla re dumetseng.


Ke ka baka leo ho itsweng: Tsoha, wena morobadi, tloha hara bafu, mme Kreste o tla o bonesetsa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ