Haele mokotatsie, o tseba nako ya yona lehodimong, le leeba, le lefokotsane, le moholodi, di nne di lemohe nako ya ho boela ha tsona; empa setjhaba sa ka, ha se tsebe tokelo ya Jehova.
Yaba morena wa hae o mo araba, a re: Mohlanka ya lonya, ya sebodu, o ne o tseba hobane ke kotula moo ke sa kang ka jala teng, mme ke bokella moo ke sa kang ka hasa peo teng.
Tadimang dinonyana tsa lehodimo; hobane ha di jale, ha di kotule, ha di bokelle medikong; empa Ntata lona ya mahodimong o a di fepa. Ha ke re, lona le di fetisa haholo na?