Eitse ha mong a hae a utlwa polelo tsa mosadi wa hae; tseo a mmolellang tsona ka ho re: Mohlanka wa hao o nkentse ka hore hoitseng, bohale ba hae ba tuka.
O mpee jwaloka tiiso pelong ya hao, jwaloka tiiso seatleng sa hao! Hobane lerato le matla jwaloka lefu, poulelo e thata jwaloka nqalo ya bafu; malakabe a lona ke malakabe a mollo, ke kgabo ya Jehova.
Finease, mora Eleasare, mora wa moprista Aarone, o kgelositse bohale ba ka hodima bana ba Iseraele, kahobane a mpouletse hara bona; ke ka baka leo ke sa kang ka timetsa bana ba Iseraele poulelong ya ka.
mme ha moya wa poulelo o tshwara monna wa hae, hore a belaele ka mosadi wa hae ya itshentseng, kapa ha moya wa poulelo o tshwara monna, mme o mo belaetsa ka mosadi wa hae, leha a sa ka a itshenya,