Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 6:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Hobane mosadi wa seotswa o fumanehisa motho, a be a sallwe ke sengwathwana sa bohobe feela, mme letekatsi le tsoma ho phela ha motho ya qenehelwang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 hoba seotswa, le ka sengwatho o ka se reka, athe sehlola sona se tsoma bophelo ba hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 6:26
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

a bitsa batho ba ntlo ya hae, a ba bolella, a re: Bonang, ho tlisitswe monna wa Moheberu ho rona ho bapala ka rona. O tlile ho nna, a re, o robala le nna, mme ka hoeletsa ka lentswe le leholo;


Kamora ditaba tsena, mosadi wa mong a Josefa a isa mahlo ho yena, a re: Robala le nna!


O lalla monna jwaloka hoja ke phoofolo e tsongwang, mme o atisa dihlola hara banna.


Ya ratang bohlale o thabisa ntatae; empa ya thabelang diraburabu, o senya letlotlo la hae.


Basomi ba butswella mollo motseng; empa ba bohlale ba tima bohale.


esere mohlomong ba mofuta osele ba kgora leruo la hao, mme mesebetsi eo o e bokeletseng ya fetela matlung a ba sa tsejweng.


esere mohlomong wa nea ba bang bokgabane ba hao, le dilemo tsa hao wa di senyetsa ho ya soro;


Ana motho a ka ikokgella mollo sefubeng, diaparo tsa hae di sa tjhe na?


hape, leha e le jwaloka nonyana e thwethwelang sefing, e sa tsebe hoba se tjhehetswe ho phela ha yona.


o re: Morena Jehova o re: Ho madimabe ba rokang mesangwana ya ho apesa dinoko tsohle tsa letsoho, ba etsang mesamelo ya dihlooho tse boholo bofe le bofe, hore ho tshwaswe meya ya batho. Na le re, le ka tshwasa meya ya ba setjhaba sa ka, le ntse le pholositse meya ya lona na?


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Erekaha le bua taba tsa lefeela, mme le bona pono tsa leshano, ke ya tla le lwantsha: ho rialo Morena Jehova.


Empa enwa mora wa hao, ya jeleng letlotlo la hao kaofela le dinyatsi, ere a sa fihla, o mo hlabetse namane e nontshitsweng.


Haele ya tla sala wa ntlo ya hao, o tla tla, a mo kgumamelle tjhelete le sengwatho sa bohobe, a re: Ako mpee ho o mong wa mesebetsi ya boprista, ke nne ke je sengwathwana sa bohobe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ