Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 6:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 O se ke wa lesa pelo ya hao ya duma bokgabane ba hae, o se ke wa hapuwa ke tjhadimo ya mahlo a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Pelo ya hao e se lakatse botle ba sona, mahlo a sona a se ka o hohela,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 6:25
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Jehu a fihla Jisreele, Jesebele a utlwa; yaba o itaka mahlo ka pilo, a ikgabisa hlooho, a nyarela ka sefensetere.


Ke ne ke hlabe selekane le mahlo a ka, sa hore nke ke ka tadima morwetsana!


O hapile pelo ya ka, ngwaneso, molebeletswa wa ka, o hapile pelo ya ka ka tjhadimo e le nngwe ya mahlo a hao, ka serwalo se le seng sa molala wa hao.


Jehova o boletse, a re: Erekaha baradi ba Sione ba ikgantsha, ba tsamaya ka melala e sataletseng, le mahlo a nyemotsang, ba nantsha maoto, ba rwarwaetsa ka mekgabo ya maoto,


Mme wena, mosenngwa, o tla etsang na? Leha o ka ikapesa ka sekarelata, wa itlhophisa ka mekgabo ya kgauta, wa itlotsa mahlo ka setlolo, ke lefeela ha o iketsa e motle; dinyatsi tsa hao di hlile di a o nyedisa; di batla bophelo ba hao.


Hapehape ba rometse ho lata batho ba tswang hole; mme ka lenqosa e neng le rometswe ho bona, ba fela ba tla. O itlhatsweditse bona, o takile mahlo a hao, o ikgabisitse ka baka la bona;


Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya tadimang mosadi ho mo lakatsa, o se a mo febile pelong ya hae.


U se ke wa lakatsa mosadi wa wa heno; o se ke wa lakatsa ntlo ya wa heno, leha e le tshimo ya hae, leha e le mohlanka wa hae e motona, kapa e motshehadi, leha e le kgomo ya hae, leha e le esele ya hae, leha e le ntho e nngwe e leng ya wa heno.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ