Ya lokileng a ke a nkotle, ke molemo; a ke a ntaye, ke ole hloohong ya ka; hlooho ya ka e ke ke ya e hana, hobane le jwale ke tla bea thapelo ya ka mohla a leng tsietsing.
Mme ka fihlela hoba mosadi eo pelo ya hae e kang matlowa le difi, eo matsoho a hae e leng ditlamo, o baba ho fetisa lefu. Ya molemo pela Modimo o tla mo phonyohela, empa moetsadibe o tla tshwaswa ke yena.
Hape, re na le ditaba tsa boporofeta, tse tiisitsweng ka ho fetisisa, mme le etsa hantle ha le di ela hloko, jwaloka lebone le bonesitseng nqalong e lefifi, ho fihlela meso e ba e hlaha, mme naledi ya hosasa e tjhabela dipelong tsa lona;
Hopola hle moo o weleng, mme o bake, mme o etse mesebetsi ya pele; ha ho se jwalo, ke tla tla ho wena, ke tlose kandelare ya hao tulong ya yona, ha o sa bake.