Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 6:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 ke pelo e rerang merero e mebe, le maoto a lebelo ho mathela bobeng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 pelo e rerang bokgopo, maoto a potlakelang bobeng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 6:18
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova a bona bolotsana ba batho hoba bo boholo lefatsheng, le hoba mmopo wa mehopolo yohle ya dipelo tsa bona o mobe feela ka matsatsi wohle.


O rera bokgopo diphateng tsa hae; o ya ka tsela e seng molemo; ha a na ho hloya bobe.


Hobane maoto a bona a mathela bobeng, ba thootheletswe ho tsholla madi.


Mehopolo ya moetsadibe e manyala ho Jehova; empa o kgahlwa ke dipuo tsa ba pelo di hlwekileng.


hobane pelo tsa bona di rera tshenyeho, melomo ya bona e bolela bobe.


Ya rerang maqebo a bobe o tla bitswa rabolotsana.


Maoto a bona a mathela bobeng, ba potlakela ho tsholla madi a se nang molato; mehopolo ya bona ke mehopolo ya bolotsana; tshenyo le timetso di ditseleng tsa bona.


Jerusalema, o itlhatswe bolotsana ba pelo ya hao, o tle o namolelwe; mehopolo ya bokgopo e tla ikahela ho le hokae kahare ho wena na?


Ho madimabe ba nahanang bolotsana, ba rerang bobe diphateng tsa bona! Ba bo etsa leseding la meso, hobane matsoho a bona ho bona ke modimo.


le se ke la rerela banababo lona kotsi pelong tsa lona, le se ke la rata kano ya leshano; hobane tseo tsohle ke di hloile, ho bolela Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ