Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 6:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 ka baka leo, tshenyeho ya hae e tla mo wela sehloho; o tla timela hanghang, ho se le thuso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Koduwa e tla mo wela hodimo, e mo wele hodimo ka tsometso, a timetswe hanghang ho se na pheko.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 6:15
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa ba nna ba soma ka manqosa a Modimo, ba nyedisa dipolelo tsa wona, ba tsheha baporofeta ba wona, ho fihlela kgalefo ya Jehova e ba e phahamela setjhaba sa wona, ho se ho se kamoo ho ka thuswang kateng.


Lemohang tseo, lona ba lebaleng Modimo, esere mohlomong ka le harola, mme ha hlokahala ya namolelang!


Lefu a le ke le ba tshware sehloho, ba tle ba theohele nqalong ya bafu ba sa utlwa! hobane bolotsana bo matlung a bona, bo mahareng a bona.


le nna ke tla tsheha ditsietsi tsa lona, ke some mohla le hlahelwang ke matsoso,


mohla matsoso a le hlahelang jwaloka difefo, le ditlokotsi di le mathelang jwaloka ditsokotsane, mme mahlomola le mapalesapelo a le sithabeditse;


Moetsadibe o kgoholwa ke bobe ba hae; empa motho ya lokileng o na le tshepo le lefung.


Hobane ya lokileng, leha a ka wa hasupa, o tla boela a tsohe; empa baetsadibe ha ba kgoptjwa, ba wela kotsing.


hobane tlokotsi ya bona e tla tshoha e hlaha hanghang, mme ke mang ya ka tsebang tshenyeho ya e mong le e mong ho bona?


Motho ya ntseng a kgalemelwa hangata, mme a itshatalatsa molala, o tla robeha hanghang, ho se le sehlare.


Ho na le ntho tse tsheletseng tse hloilweng ke Jehova; nka re, di supile tseo e leng manyala ho yena:


o ba bolelle, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke tla pshatla setjhaba sena le motse wona jwalo, jwalokaha ho pshatlwa pitsa ya mmopi, eo e sa tlo ka e kopanngwa. Mme ho tla patwa ditopo Tofethe, ka ho hloka sebaka moo ho patwang teng.


Ka re ke sa porofeta, Pelathia, mora Benaia, a shwa. Yaba ke itihela fatshe ka sefahleho, ka meketsa, ka re: Jo! Jo! Morena Jehova, na ke ho re, o ya timeletsa masala a Iseraele na?


Hobane mohla ba tla re: Ho kgotso, ho iketlilwe! ke moo tshenyeho e tla ba wela hodimo ka sehloho, jwaloka pelehi ha e hlahela moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ