Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 6:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Pelo ya hae e senyehileng e rera bobe kamehla, e jala diphapang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 o rera thetso ka pelong ya hae, kamehla o jala moferefere.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 6:14
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ba rerang bobe dipelong tsa bona, ba tsosang ntwa kamehla.


Ba tjhaditsa maleme a bona jwaloka dinoha, mahloko a marabe a katlasa melomo ya bona. (Sela.)


O rera bokgopo diphateng tsa hae; o ya ka tsela e seng molemo; ha a na ho hloya bobe.


Ba rerang bobe ha ba lahlehe na? Empa molemo le nnete ke tsa ba rerang botle.


Motho wa lefeela o tjheka lemena la bobe, melomo ya hae e na le kgabo e tjhesang.


Ya pelo e kgopo a ke ke a fumana lehlohonolo, mme ya leleme le kgopameng o tla wela bobeng.


ba thabelang bolotsana, ba iketekang ka diketso tse mpe;


Motho eo tsela ya hae e leng kgopokgopo, o furallane le botle; empa diketso tsa motho ya kgabane di lokile.


Ya jalang bokgopo o tla kotula matshwenyeho, mme thupa ya kgalefo ya hae e tla fela.


Ya rerang maqebo a bobe o tla bitswa rabolotsana.


O se ke wa rera wa heno ka bobe, ha a ntse a ahisane le wena ka kgotso.


Ho Jehova motho ya kgopo ke manyala, empa ya lokileng o na le lekunutu la hae.


Haele mothetsi, dibetsa tsa hae ke tsa bolotsana, o loha mano ho timetsa mosenyehi ka dipolelo tsa leshano, leha taba tsa mohloki e le tse lokileng.


Empa ba bolotsana ba jwaloka lewatle le fuduilweng, le sitwang ho kgutsa, leo metsi a lona a ntshang diretse le ditshila.


Wa re ho nna: Mora motho, ke bona banna ba rerang mehopolo e kgopo, ba eletsang ka dikeletso tse mpe motseng ona,


Ba jala moya, mme ba tla kotula sefefo; mabele wona a tla ba siyo. Monoko o ke ke wa bea dijo; leha o ka di bea, di tla metswa ke baditjhaba.


Ho madimabe ba nahanang bolotsana, ba rerang bobe diphateng tsa bona! Ba bo etsa leseding la meso, hobane matsoho a bona ho bona ke modimo.


Jwale, banabeso, ke a le kgothatsa, ke re, le iponele ho ba hlahisang dikgaohano le dikgopiso ka ho senya thuto eo le ithutileng yona, mme le ba sesefe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ