23 O tla shwa ke ho se rutehe, a lahlehe ke bowatla bo boholo ba hae.
23 O tla bolawa ke ho hloka kgalemo, tsela a e kgeloswe ke bothotohadi ba hae.
empa ha ba sa utlwe, ba tla hlajwa ke lerumo, ba timele ke ho hloka kutlwisiso.
Bokgabane ba bona bo feta le bona; ba shwa, ba eso ho fihlele bohlale.
Ke moo ke ba tlohetseng boikgantshong ba pelo tsa bona, ba tle ba latele dikeletso tseo e leng tsa bona.
o tla busetsa ho bona moputso wa bokgopo ba bona, o ba fedise ka baka la bolotsana ba bona. Jehova, Modimo wa rona, o tla ba fedisa.
jwale, ba tla ja ditholwana tsa mekgwa ya bona, ba kgore merero ya bona.
Molomo wa ba lokileng o phedisa ba bangata, athe mawatla a timela ke ho hloka kelello.
Motho o tla roriswa ho lekana bohlale ba hae; empa ya pelo e kgopo yena o tla nyediswa.
Ya pelo e ikgakanyang o tla tenwa ke mekgwa ya hae; empa motho ya lokileng o tla thabiswa ke diketso tsa hae.
Moetsadibe o kgoholwa ke bobe ba hae; empa motho ya lokileng o na le tshepo le lefung.
Motho ya kgelohang tsela ya hlalefo o tla fella sebokeng sa bafu.