Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 5:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Na didiba tsa hao di ka kollela sebakeng jwang? Melatswana ya tsona e ka phallela mabaleng a motse na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 O re bonna ba hao bo tsholohele ditseleng, matla a bona a hafakwe mabaleng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 5:16
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba hlohonolofatsa Rebeka, ba re ho yena: Oho, kgaitsedi ya rona, o be mma dikete tsa diketekete, mme ditloholo tsa hao di rue dikgoro tsa dira tsa tsona!


Bonang, bara ke lefa la Jehova, mme tholwana ya popelo ya mosadi ke moputso.


Mosadi wa hao, kahare ho ntlo ya hao, o jwaloka morara o beang haholo; bara ba hao ba teela tafole ya hao hare, jwaloka mehlwaare e metjha.


Ba re: Rorisang Modimo diphuthehong; le rorise Morena, lona ba tswang lesikeng la Iseraele!


O nwe metsi a sekoti seo o se tjhekileng, metsi a phallang meeding ya sediba seo e leng sa hao.


E be leruo la hao o nnotshi, o se ke wa di kopanela le ba bang.


Sediba sa hao se ke se hlohonolofale; o thabele mosadi wa botjha ba hao, ya ratehang jwaloka kgama, ya kgahlehang jwaloka tshephe; sefuba sa hae se nne se o kgodise kamehla;


Metsi a utsuwang a monate, le bohobe bo jewang ka sephiring bo a hlabosa.


Ngwaneso, molebeletswa wa ka, o tshimo e haheleditsweng, sediba se sireleditsweng, le mohlodi o tiisitsweng.


O mohlodi wa dirapa, sediba se metsi a kwellang, melapo e phallang e tswang Lebanone.


Ba ke ke ba nyorwa naheng e tshehla, ha ba haola ka yona; o tla phallisa metsi lefikeng bakeng sa bona, a petsole lefika, metsi a kwelle ho lona.


Iseraele o tla aha ka tshepo a nnotshi; sediba sa Jakobo se kolla naheng ya koro le ya veine e ntjha, mme mahodimo a Jakobo a qhitsa phoka.


A ba le bara ba mashome a mararo; hape, a nyallwa baradi ba hae ba mashome a mararo, mme a batlela bara ba hae barwetsana ba mashome a mararo kahosele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ