Ba re: Suruha moo! Ba ba ba re: Motho enwa o tlile ho jaka, mme jwale o rata hoba e be moahlodi! Jwale re tla o etsa hampe ho fetisa bona! Jwale monna eo Lota ba mo hatella haholo, mme ba atamela ho thuha lehlafi.
A re a sa bua, morena a re ho yena: Na re o entse neng moeletsi wa morena? Tloha! O ratelang ho otlwa? Yaba moporofeta o tloha, a re: Ke tseba hoba Modimo o rerile ho o timetsa, kahobane o entse hoo, mme o sa ka wa mamela keletso ya ka.
Empa ba nna ba soma ka manqosa a Modimo, ba nyedisa dipolelo tsa wona, ba tsheha baporofeta ba wona, ho fihlela kgalefo ya Jehova e ba e phahamela setjhaba sa wona, ho se ho se kamoo ho ka thuswang kateng.
Nkile ka nna ka le romela bahlanka ba ka kaofela, e leng baporofeta, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, ke ba roma ka ho re: Le se ke la etsa ntho eo e manyala, eo ke e hloileng.