1 Mora wa ka, o ele bohlale ba ka hloko, o sekehele thuto ya ka tsebe;
1 Mora wa ka, ela bohlale ba ka hloko, thuto ya ka o e sekehele tsebe,
Mora wa ka, etlere ha o amohela ditaba tsa ka, mme o ipolokela melao ya me ka ho wena,
Sekeha tsebe, o mamele dipolelo tsa ba bohlale, o neele pelo ya hao tsebo ya ka.
Bana ba ka, mamelang thuto ya ntata lona, le e nahane, le tle le fihlele kelello.
Mora wa ka, mamedisisa taba tsa ka, o sekehele dipolelo tsa ka tsebe.
Mora ka, boloka ditaelo tsa ntatao, o se ke wa furalla thuto ya mmao.
ka bona ho le dithoto, hara ba batjha ka lemoha mohlankana e mong ya hlokang kutlwisiso;
Mme le se ke la re ka ho lona: Abrahama ke ntata rona; hobane ke a le bolella, ke re: Modimo o ka tsosetsa Abrahama bana le ka majwe ana.
Ha motho a ena le ditsebe ho utlwa, a utlwe.
Tsebang tsena, banabeso ba ratwang: Motho ka mong a ke a be mafolofolo ho utlwa, a diehe ho bua, a diehe le ho halefa;
Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke: Ya hlolang a ke ke a etswa hampe ke lefu la bobedi.
Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke: Ya hlolang, ke tla mo fa ho ja manna a patilweng, ke be ke mo fe le lejwe le lesweu, leo ho ngodilweng ho lona lebitso le letjha, le sa tsejweng ke motho, haese ke ya le amohelang.
Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke.
Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke: Ya hlolang, ke tla mo fa ho ja sefate sa ho phela, se kahara Paradeise ya Modimo.