22 Hobane ho ba di fumaneng ke bophelo, ke boiketlo ba mmele wohle wa bona.
22 ke bophelo ho ba di amohelang, di phedisa mmele ya bona hamonate.
E mong ha a bebera, puo tsa hae di hlaba jwaloka tsenene, empa molomo wa ya bohlale o a thoba.
Puo tse ntle ke lekgeha la dinotshi, di monate moyeng wa motho, di matlafatsa masapo a hae.
mme e tla ba bophelo moyeng wa hao, le kgabiso molaleng wa hao.
E tla ba sehlare mesifeng ya hao, le moko masapong a hao.
Mamela, mora ka; o amohele dipuo tsa me, dilemo tsa ho phela ha hao di lelefatswe.
ntate o ne a nthuta, a re ho nna: Pelo ya hao e boloke dipolelo tsa ka hantle, o lotolotse dikeletso tsa me, mme o tla phela.
Hobane ya mphumanang o fumane bophelo, mme o tla bona mohau ho Jehova.
Bona, ke tla o tlamella, ke o oke; ke tla ba fodisa, ke ba nee nala ya kgotso le ya boiketlo;