12 Ha o tsamaya teng, o ke ke wa patiswa maoto; mme ha o matha, o ke ke wa kgoptjwa.
12 Ha o tsamaya o ke ke wa sitiswa ke letho, ha o matha o ke ke wa kgoptjwa.
O neile mehato ya ka sebaka; maoto a ka ha a thelle.
Ba ratang molao wa hao ba na le kgotso e kgolo, ha ho kgopiso ho bona.
ke tla tsamaya tseleng e ahlameng, hobane ke batla ditemoso tsa hao.
Jwale, o tla tseba ho loka le tshwanelo le bokgabane le mekgwa yohle e molemo.
Ke moo o tla tsamaya o ntse o tiile tseleng ya hao; leoto la hao le ke ke la kgoptjwa.
Empa tsela ya baetsadibe e jwaloka lefifi la bosiu, ha ba tsebe moo ba tla wela teng.
Ha o tsamaya, di tla o tsamaisa; leha o robetse, di tla o lebela; etlare ha o tsoha borokong, di o buise.
Ba tla kgutla ka dillo, ke tla ba tlisa ba ntse ba etsa merapelo; ke ba ise melapong ya metsi ka tsela e lokileng eo ba sa tlo ka ba kgoptjwa ho yona, hobane ke tla ba ntata Iseraele, Efraime e be ngwanaka wa letsibolo.
Bao ba kgoptjwa ke lentswe kahobane ba sa dumele; etswe e le ntho eo ba e abetsweng.