11 Hobane ke o ruta tsela ya bohlale, ke o tsamaisa mmileng wa ho loka.
11 Ke o rutile tsela tsa bohlale, ka o tsamaisa tseleng tse otlolohileng.
O hlabolla moya wa ka; o ntsamaisa mehlaleng ya ho loka, ka baka la lebitso la hae.
Ka baka leo, tsamaya ka mehlala ya batho ba molemo, u tiisetse tseleng ya ba lokileng;
ntate o ne a nthuta, a re ho nna: Pelo ya hao e boloke dipolelo tsa ka hantle, o lotolotse dikeletso tsa me, mme o tla phela.
Ke tsamaisa motho tseleng ya ho loka le mmileng o tatametseng.
Mamelang, hoba ke tla bua tse kgolo, melomo ya ka e hlahise tse lokileng.
Tsohle ke tse utlwahalang ho motho ya nang le kelello, di lokile ho ya fumaneng tsebo.
Mmoledi o ne a le bohlale. A boela a ruta setjhaba ho hlalefa, a botsisisa, a batlisisa, a lokisa dipuo tsa maele tse ngata.
a re: Wena, motho ya tletseng thetso yohle le mano a mabe wohle, mora Diabolose, sera ho tsohle tse lokileng, na o tla lesa neng ho sokanya tsela tsa Morena tse lokileng na?
Bonang, ke le rutile melao le ditaelo, kamoo Jehova, Modimo wa ka, a ntaetseng kateng, hore le tle le etse ka tsona lefatsheng leo le yang ho le rua.