Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 31:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Jwala bo tahang le bo nee motho ya ya timela, le veine le e nose motho ya pelo e hlomohileng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Ba kgatheng la ho shwa ba nweseng jwala, ba sithabetseng dipelo le ba nwese veine.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 31:6
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare ha a fihla ho monna wa Modimo, thabeng, a mo tshwara ka maoto. Gehasi a mpa a mo atamela ho mo suthisa; empa monna wa Modimo a re: Mo tlohele, hobane pelo ya hae e bohloko, mme Jehova o mpatetse, ha a ka a ntsebisa.


ke ne ke hlohonolofatswa ke ya neng a le lekgatheng la ho timela, ka kenya thabo pelong ya mosadi wa mohlolohadi;


Ya madimabe o neelwang lesedi, ya hlomohileng pelo o neelwang bophelo,


le veine e thabisang pelo ya motho, le ole e kgantshang sefahleho sa hae, le bohobe ba tiisang pelo ya motho.


hore a nwe, a lebale bofumanehi ba hae, a se ke a hlola a hopola bomadimabe ba hae.


Ke tla re eng? O ntshepisitse, mme o nkutlwile. Ke tla tsamaya ka boikokobetso ho isa ho feleng ha dilemo tsohle tsa ho phela ha ka, hobane bohloko ba moya wa ka bo fetile.


O se ke wa hlola o enwa metsi feela, empa o no nwa le veinenyana ka baka la mala a hao, le ka baka la dipabo tsa hao tse ngata.


A tla a hlokofetse moyeng wa hae, a rapela Jehova, a ntse a lla habohloko.


Kahoo, Davida a tsieleha haholo, hobane le batho ba ne ba bolela taba ya ho mo tlepetsa ka majwe, hobane pelo tsa bohle di ne di baba, e mong le e mong ka baka la bara ba hae le la baradi ba hae; empa Davida a ikgothatsa ka Jehova, Modimo wa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ