O se ke wa nwa veine, leha e le jwala, wena, leha e le bara ba hao, bao o nang le bona, ha le se le tla kena tenteng ya pokano, hore le tle le se ke la shwa. Ke taelo ya kamehla melokong ya lona yohle e tlang ho tla,
Hape, veine e a thetsa; monna ya ikakasang a ke ke a tiya. Eo ya ahlamisitseng moya wa hae jwaloka lebitla, ya tshwanang le lefu, ya se nang ho kgolwa, ya ipokellelang ditjhaba tsohle, ya ipokanyetsang merabe yohle ...
O se ke wa fapoha ho loka, mme o se ke wa ya ka tshobotsi ya batho; o se ke wa amohela dimpho; hobane mpho e foufatsa mahlo a ba bohlale, mme e kgopamisa dipolelo tsa ba lokileng.