Barwetsana ba Esthere le matona a hae ba tla, ba mo tsebisa taba tseo. Mafumahadi a hlomoha haholo, mme a romela Mordekai diaparo ka ho re, a apare tsona, a hlobole lesela la hae le mahwashe; a mpa a se ke a di amohela.
Ha ekaba ke fumane mohau mahlong a morena, ha morena a ka dumela ho nnea ka kopo ya ka le ho etsa ka qoso ya ka, ke re, morena a boele a tle le Hamane dijong tseo ke tla ba lokisetsa tsona, mme hosasane ke tla etsa ka polelo ya morena.
Leebana la ka, le ikaheletseng mafarung a mafika le mahaheng a dilomo, o mpontshe sefahleho sa hao, o nkutlwise lentswe la hao; etswe lentswe la hao le le monate, mme sefahleho sa hao se le setle.
Molao wa nnete o ne o le molomong wa hae, bolotsana bo ne bo sa fumanwe molomong wa hae; o ne a tsamaya le nna ka kgotso le ka ho loka, o bile a kgutlisa ba bangata bokgopong.
A qala ho bua sinagogeng a sa tshabe letho. Yare ha Akila le Prisilla ba mo utlwa, ba mo nkela ha bona, mme ba mo hlalosetsa tsela ya Modimo, ho feta kamoo a neng a e tseba pele kateng.
Haele lona basadi, le utlwe banna bao e leng ba lona jwalo, hore leha ba bang ba ka ba teng ba sa dumeleng lentswe, ba mpe ba hapuwe, leha e ke ke ya eba ka lentswe, e be ka metsamao ya basadi ba bona,
Mosadi wa hae a re ho yena: Hojane Jehova a ratile ho re bolaya, a ka be a sa ka a amohela setjheso le nyehelo matsohong a rona, mme a ka be a sa ka a re bontsha dintho tseo tsohle, leha e le ho re tsebisa taba tse kalo nakong ena.