Jehova o tla mo lwela! Ka letsatsi le lebe, Jehova o tla mo sireletsa, a mo phedise; e tla ba motho ya lehlohonolo lefatsheng. O ke ke wa mo neela thatong ya bao e leng dira ho yena.
Hobane haele bafumanehi, le tla nne le be le bona kamehla, mme le tla tseba ho ba etsa hantle mohla le ratang; empa nna, le ke ke la ba le nna kamehla.
Hobane mohloki a ke ke a hlokahala lefatsheng le ka mohla o le mong; ke ka baka leo ke o laelang, ke re: o fuparollele ngwaneno eo e leng mohloki le mofumanehi naheng ya hao diatla tsa hao.