Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 31:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 O itlama letheka ka matla, mme o matlafatsa matsoho a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Theka la hae o le tlama hathata, a matlafatse le matsoho a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 31:17
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa seqha sa hae se dutse se tiile, mme matla a matsoho a hae a tiisitswe ke matsoho a senatla sa Jakobo, e leng Modisa le Lefika la Iseraele.


Akabe a kena koloing, a ya Jisreele. Letsoho la Jehova la eba hodima Elia: a itlama letheka, a titima pela Akabe ho ya fihla kgorong ya Jisreele.


Yaba Elisha o re ho Gehasi: Itlame letheka, o nke lere la ka ka letsoho la hao, o tsamaye; etlere ha o kgahlana le motho, o se ke wa mo dumedisa; ha motho a o dumedisa, o se ke wa mo araba; o bee lere la ka hodima sefahleho sa ngwana.


Jwale, o itlame letheka jwaloka monna, ke tle ke o botse, mme o nthute.


O kgahlwa ke tshimo, a ye a e reke; ka tseo a di sebeleditseng, o hloma tshimo ya merara.


O thabela leruo la mahlahahlaha a hae; le bosiu lebone la hae ha le time.


Lelala le tea selepe, le sebetsa mollong wa mashala; le se bopa ka noto, le se sebetsa ka matla a matsoho a lona; le be le lape, le fellwe ke matla; leha le sa nwe metsi, le ye le fokole hampe.


Nna ke ba rutile, ke bile ke tiisitse matsoho a bona, athe ba rerile bobe hodima ka.


Matheka a lona a tlangwe, mme mabone a lona a tuke.


Qetellong, banabeso, tiyang Moreneng le matleng a hae a sa sitweng ke letho.


Tiyang ke hona, le ntse le itlamile matheka ka senyepa sa nnete, mme le apere tshireletso ya sefuba, e leng ho loka.


Jwale he lona, itlameng matheka a dikelello tsa lona, le phele ka boitshwaro, le lete ka tshepo e tiyang mohau oo le tla o tlisetswa mohla Jesu Kreste a hlahang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ