Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 30:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ke mang ya nyolohetseng lehodimong, a ba a theoha a etswa teng? Ke mang ya fuparetseng moya letsohong la hae? Ya bokeletseng mawatle kobong ya hae ke ha e le mang? Ke mang ya tiisitseng dipheletso tsa lefatshe? Lebitso la hae ke mang? Ke mang lebitso la mora hae, ha o fela o tseba?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Ya nyolohetseng lehodimong a ba a theoha ke mang? Ya fupereng moya ka diatla tsa hae ke mang? Ya bokeletseng metsi ka aparong sa hae ke mang? Ya sehileng meedi ya dipheletso tsa lefatse ke mang? Lebitso la hae ke mang? La mora wa hae lona ke mang? Haeba o a tseba, bolela!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 30:4
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jakobo a mmotsa, a re: Ako mpolelle hle lebitso la hao. Yaba o re: Ke ka baka lang ha o mpotsa lebitso la ka? A mo hlohonolofatsa moo.


Na o ka fihlela ditaba tse tebileng tsa Modimo na? Na o ka utlwisisa bophethehi ba Ya matla wohle na?


Bo phahame jwaloka lehodimo: o ka etsang? Bo tebile ho fetisa nqalo ya bafu: o ka tsebang?


O thibela metsi marung a wona, mme maru ha a phatlohe ka boima ba wona.


Ke yena ya tsosang maru dipheletsong tsa lefatshe, ya nesang dipula ka diaduma, ya ntshang meya dipolokelong tsa hae;


A nke ke phethe morero; Jehova o itse ho nna: O Mora wa ka, kajeno ke o tswetse.


Dipheletso tsohle tsa lefatshe di tla hopola Jehova, di sokolohele ho yena, mefuta yohle ya ditjhaba e tla kgumama pela hao;


Hobane o le theile hodima mawatle, o le tiisitse hodima bodiba.


O nyolohetse phahameng, o isitse batshwaruwa kgolehong, o nkile dineo ho batho le ho bona bakwenehi, hore Jehova Modimo a tle a tsebe ho aha teng.


O budutse ka moya wa hao, lewatle le ba aparetse, o ba tebetse jwaloka loto metsing a tshabehang.


Ka na ka iponahatsa ho Abrahama, le ho Isaaka, le ho Jakobo, ke le Modimo o matla wohle, empa ke ne ke sa tsejwe ke bona ka lebitso la ka la Jehova.


Hobane Jehova, mmopi wa Mahodimo, Modimo o bopileng lefatshe, moetsi wa lona ya le tiisitseng, ya sa ka a le bopela lefeela, ya mpang a le bopetse hore le ahuwe, o bolela, o re: Ke nna Jehova, e mong ha a yo.


A tloswa mahlomoleng le kahlolong; mme ho kile ha lemoha mang hara ba leloko la hae, hore o kgaotswe lefatsheng la ba utlwang, le hore o otlilwe ka baka la sebe sa setjhaba sa ka?


Ka baka leo, Morena o tla le fa pontsho, e le yena: Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emmanuele (Modimo o na le rona).


Hobane re tswaletswe ngwana, re neilwe mora; borena bo beilwe lehetleng la hae, mme o tla bitswa Moeletsi ya makatsang, Modimo o matla, Rabosafeleng, Morena wa kgotso;


Mehleng ya hae, Juda o tla pholoha, Iseraele a ikahele boiketlong, mme ke lona lebitso leo ba tla mmitsa ka lona: Jehova, ho loka ha rona.


Ntho tsohle di beilwe ho nna ke Ntate; mme ha ho ya tsebang Mora, haese Ntate; hape, ha ho ya tsebang Ntate, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo kwahollela yena.


Dintho tsohle ke di neilwe ke Ntate; mme ha ho ya tsebang hoba Mora ke mang, haese Ntate, le hoba Ntate ke mang, haese Mora, le eo Mora a ka ratang ho mo senolela yena.


Ha ho ya kileng a nyolohela lehodimong, haese ya theohileng lehodimong, e leng Mora motho, ya leng lehodimong.


Empa ho loka ho tswang tumelong ho bolela, ho re: O se ke wa re pelong ya hao: Ke mang ya tla nyolohela lehodimong? Ho rialo, ke ho theola Kreste teng;


Ekare ha o sa itise ho etsa ka dipolelo tsohle tsa molao ona, tse ngodilweng bukeng ena, mme ha o sa tshabe lebitso leo le kganyang, le tshabehang la Jehova, Modimo wa hao,


Ha e lehodimong moo o ka reng: Ke mang ya tla nyolohela lehodimong bakeng sa rona, ho ya re latela yona, re tle re e utlwe, mme re etse ka yona?


Mahlo a hae e ka kgabo ya mollo, mme hloohong ya hae o rwetse meqhaka e mengata; o na le lebitso le ngodilweng le sa tsejweng ke motho, haese ke yena feela;


Lengeloi la Jehova la re ho yena: O botsetsang lebitso la ka? Ke le makatsang!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ