Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 30:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ruri, ke thotofetse ho fetisa bohle; ha ke na kutlwisiso ya motho;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Nna ke sethoto ho feta mang kapa mang; ha ke na le kutlwisiso ya botho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 30:2
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tjhe, o tla le bona. Ba bohlale ba ya shwa; lewatla le sethoto le bona ba ya shwa, ba tlohelle basele maruo a bona.


ke ne ke le letlaopa le sa tsebeng letho, ke ne ke le jwaloka phoofolo pela hao.


Motho ya letlaopa ha a tsebe teng, lewatla ha le utlwisise teng.


Ya ratang tayo o rata tsebo; haele ya hloileng kgalemelo, ke sethoto.


Dipolelo tsa Agure, mora Jake; tshenolo eo monna eo a e boleletseng Ithiele le Ukale.


wa re: Na ke ne ke hane tayo jwang? Pelo ya ka e ne e hloetseng kgalemelo na?


Yaba ke re: Ho madimabe nna, ke timetse, hobane ke motho ya melomo e ditshila, ke ahile hara setjhaba se melomo e ditshila, mme ke bone Morena, Jehova wa makgotla, ka mahlo!


Motho e mong le e mong o thotofetse, o hlokile tsebo; moqhibidisi e mong le e mong o hlabiswa dihlong ka setshwantsho sa hae, hobane setshwantsho sa hae se tsholotsweng ke leshano feela, ha ho phefumoloho ho sona.


Hobane, banabeso, ha ke rate hore le se ke la tseba sephiri sena, le tle le se ke la ipona le le bohlale: ke ho re, ho thatafala ho hlahetse Baiseraele ka nqa e nngwe, ho tlala ha baditjhaba ho be ho kene.


Motho a se ke a ithetsa; ekare ha e mong hara lona a itekanya hoba o bohlale lefatsheng lena, a ke a fetohe lehlanya, hore a tle a fetohe ya bohlale.


Ekare ha motho a lekanya hoba o tseba ntho, ha a eso ho tsebe letho kamoo a tshwanetseng ho tseba kateng.


Ha e mong ho lona a hloka bohlale, a bo kope ho Modimo, o sitsang bohle ka phano e kgolo, o se na ho kganana, mme o tla bo newa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ