Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 30:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Kwidi e na le baradi ba babedi, ba llang kamehla, ba re: Mphe! mphe! Ntho tse tharo di teng tse sa kgoreng, nka re, di nne, tse sa reng le ka mohla o le mong: Ho lekane!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 “Koidi e na le madinyane a le mabedi, a kopang a re: ‘Re fepe! Re fepe!’ “Ntho di tharo tse sa kgotsofaleng, e, di nne tse sa ke be di re: ‘Ho lekane!’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 30:15
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Nqalo ya bafu le dihele ha di na ho kgora, mahlo a motho le wona ha a kgore.


Moloko o teng o meno a kang marumo, o meno a mohlahare a kang dithipa, ho ja bahlomohi, ho ba fedisa lefatsheng, ho fedisa le bafumanehi bathong.


Ke nqalo ya bafu, le mpa e sa tswaleng, le mobu o sa kgoreng metsi, le mollo o sa reng: Ho lekane!


Lefatshe le thothometswa ke dintho tse tharo, nka re, tse nne di teng tseo le ke keng la di jara:


Dintho tse nne di teng lefatsheng, tse nyenyane, empa di bohlale bo boholo:


Ntho tse tharo di teng tse bohehang ha di tsamaya; tjhe, di nne tseo metsamao ya tsona e kgahlehang:


Ho na le ntho tse tsheletseng tse hloilweng ke Jehova; nka re, di supile tseo e leng manyala ho yena:


Empa lona bana ba moloi, leloko la bofebe le la bootswa, tloong kwano!


Seno sa bona se nyokotse; ba feba le ho feba; bao e leng thebe tsa bona kannete ba ithatetse tse dihlong.


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Edimo — teng nke ke ka fetoha — kahobane o phalletse ngwanabo ka lerumo, o pupeditse mohau wa hae, bohale ba hae bo sa phetse ho harola, mme o boloka kgalefo ya hae kamehla;


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya bana ba Ammone — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba petsotse baimana ba Gileade, ba tle ba hodise naha ya bona:


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Damaseka — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba hatisitse Gileade ka dilei tsa tshepe,


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Gasa — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba ile le ba hapilweng ba bangata ho ba neela Baedomo,


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Tire — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba neetse Edomo ba hapilweng ba bangata, ba sa hopole selekane sa boena;


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Moabe — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba tjhesitse masapo a morena wa Edomo, ba a etsa molora;


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Juda — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba nyedisitse molao wa Jehova, ba sa ka ba boloka ditaelo tsa hae, ba mpa ba kgeloswa ke mashano a bona ao bontata bona moholo ba ileng ka wona;


Ba kena ka matsoho a mabedi bobeng, hore ba bo phethe: morena o a qela, moahlodi o ahlolela moputso, e moholo yena o bolela takatso e mpe ya moya wa hae; hammoho ba sothanya ditaba.


Ba araba, ba re ho yena: Ntata rona ke Abrahama. Jesu a re ho bona: Holane le bana ba Abrahama, le ka be le etsa mesebetsi ya Abrahama.


Lona, le tswa ho ntata lona, e leng Diabolose, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena ke mmolai haesale ho qaleng; ha a dule nneteng hobane ha ho nnete ho yena. Ha a bolela leshano, o ipuella tsa hae; hobane ke yena ya leshano, le ntate wa ya leshano.


Hobane batho ba jwalo ha ba sebeletse Morena wa rona Jesu Kreste, ba mpa ba sebeletsa dimpa tsa bona feela, mme ba kgelosa dipelo tsa ba se nang molato ka dipolelo tse kgahlehang le ka tse tjhatjhehisang.


Mme ka baka la takatso ya bona ya ho rua ka lona, ba tla le thetsa ka dipolelo tsa mano; empa kahlolo eo e seng e le kgale ba e abetswe, ha e diehe, mme timelo ya bona ha e robale.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ