13 E, moloko o teng o mahlo a phahamileng hakalo, o dintshi di leletseng hakalo!
13 Moloko o teng o ikgohomosang, o shebang batho ka ho ba nyedisa.
Ke tla fedisa ya etselletsang motswalle wa hae sephiring, nke ke ka mamella ya mahlo a leletseng, le ya pelo e makoko.
Jehova, pelo ya ka ha e na boikgohomoso, mahlo a ka ha a phahame, ha ke a ka ka tsamaya ho tse phahameng, tse mphetisang ka boholo.
Mahlo a phahameng le pelo e hohomohileng, eo e leng ho kganya ha ba babe, ke sebe.
Ke mahlo a boikgohomoso, ke leleme le mano, le matsoho a tshollang madi a se nang molato;
Mahlo a ikgantshang a batho a tla kokobetswa, boikgohomoso jwa ba baholo bo nyenyefatswe; ka letsatsi leo ho tla hodiswa Jehova a nnotshi.
Jehova o boletse, a re: Erekaha baradi ba Sione ba ikgantsha, ba tsamaya ka melala e sataletseng, le mahlo a nyemotsang, ba nantsha maoto, ba rwarwaetsa ka mekgabo ya maoto,
Bao e leng batho feela ba tla kokobetswa, ba baholo ba nyenyefatswe, mahlo a baikgantshi a kobotetswe.
Na o tla re, o modimo, mahlong a ya tlang ho o hlaba? Athe o motho, ha o modimo, tlasa letsoho la ya o hlabang.
Bona, moya wa hae o hohomohile, ha o a loka ka ho yena; empa ya lokileng o tla phela ke tumelo ya hae.