Yaba Davida o tsoha fatshe, a itlhatswa, a tlola, a apara diaparo disele; a kena tlung ya Jehova, a kgumama teng, a ba a boela hae, a qela dijo, mme ba mo tlisetsa, a ja.
Athe babusisi ba pele, ba nnileng ba eba teng pele ho nna ba ne ba imeditse setjhaba, ba nka bohobe le veine ho sona, ba nka le dishekele tse mashome a mane tsa silefera; hape, bahlanka ba bona ba ne ba busa ka thata hodima setjhaba; empa nna, ha ke a ka ka etsa jwalo ka baka la ho tshaba Modimo.
Monna o ne a le teng naheng ya Utse; lebitso la hae e le Jobo; e ne e le motho ya tsamayang ka ho loka le ka bokgabane, ya tshabang Modimo, ya sesefang bobe.
Hobane, banabeso, ha ke rate hore le se ke la tseba sephiri sena, le tle le se ke la ipona le le bohlale: ke ho re, ho thatafala ho hlahetse Baiseraele ka nqa e nngwe, ho tlala ha baditjhaba ho be ho kene.