Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 3:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 O tshepe Jehova ka pelo ya hao yohle, o se ke wa itshepa hlalefo ya hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Tshepa Morena ka pelo ya hao yohle, o se ke wa tshepa bohlale ba hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 3:5
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ra itima dijo jwalo, mme ra batla thuso ho Modimo wa rona, mme wa re utlwa.


Bonang, o ka mpolaya, ha ho sa le kamoo nka tshepang kateng. Ke mpa ke rata ho hlahisa mekgwa ya ka pela wona;


Ba itshepetseng Jehova ba jwaloka thaba ya Sione e ke keng ya sisinyeha, e tiileng ka ho sa feleng.


O be le tshepo ho Jehova, o etse ho hotle; o ahe lefatsheng, o ikgorisetse nneteng.


O laeletse tsela ya hao ho Jehova, o mo tshepe; ho tla sebetsa yena.


O lebelle Jehova o ikgutseditse, o itshepise ka yena. O se ke wa hlora ka baka la ya atlehang tseleng ya hae, ka baka la motho ya leseho bolotsaneng ba hae.


Lona, setjhaba, le itshepise ka wona kamehla, le tshollele dipelo tsa lona pela wona! Modimo ke setshabelo sa rona. (Sela.)


Kajeno ke o rutile, wena ka sebele, hore o bee tshepo ya hao ho Jehova.


O se ke wa ikgathatsa ho bokella leruo; tlohela kgopolo ya teng.


Ya itshepelang pelo ya hae ke lehlanya; empa ya tsamayang bohlaleng, o tla pholoha.


O se ke wa ipona bohlale. Tshaba Jehova, o sesefe bobe.


Bonang, Modimo ke poloko ya ka, ke na le tshepo, nke ke ka tshaba letho; hobane Jehova, Jehova ke matla a ka le sefela sa ka; o ikentse Mmoloki wa ka.


Oho! Jehova, ke a tseba hobane tsela ya motho ha e matleng a hae, mme motho ya tsamayang a ke ke a lokisa dika tsa hae.


Ho itswe ke Jehova: Ya leng bohlale a se ke a ithorisa bohlaleng ba hae, ya matla a se ke a ithorisa matleng a hae, mofumi a se ke a ithorisa lefumong la hae.


Le ha leru le ne le dula hodima tabenakele matsatsi a seng makae, ba ne ba emisa ka taelo ya Jehova, mme ba ne ba tloha ka taelo ya Jehova.


Ha leru le ne le dula hodima tabernakele matsatsi a mabedi, kapa kgwedi, kapa ho fetisa kgwedi, bana ba Iseraele ba ne ba hlola teng ba emisitse, ba sa tlohe; ha le ne le phahama, ba ne ba tloha.


Kgomarelanang hammoho ka pelo e le nngwe; le se ke la lakatsa tse phahameng, le mpe le ipapise le tse nyenyane. Le se ke la ipona bohlale.


re tle re be thoriso ya kganya ya hae, rona ba tshepileng Kreste pele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ