Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 3:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Thohako ya Jehova e ka tlung ya moetsadibe, empa o hlohonolofatsa ntlo ya ba lokileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

33 Morena o rohaka malapa a ba kgopo; o hlohonolofatsa a ba lokileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 3:33
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Areka ya Jehova ya dula ha Obed-Edomo wa Gathe kgwedi tse tharo; mme Jehova a hlohonolofatsa Obed-Edomo le ntlo ya hae kaofela.


Le re: Ba babe ba feta kapele jwaloka ntho e thellang hodima metsi. Lefa la bona le rohakilwe lefatsheng; ha ba sa leba nqa dirapeng tsa merara.


Efela ke mollo o ka tjhang ho isa sehokong, o tshwanetseng ho fothola maruo a ka kaofela.


O jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi a kwellang, se beang ditholwana tsa sona ka kgwedi ya tsona, seo mahlaku a sona a sa foforeheng; seo a se etsang kaofela se a mo atla.


hobane ba hlohonolofatswang ke Jehova ba tla ja lefa la lefatshe, empa bao a ba rohakang ba tla fediswa.


Ka baka leo, tlokotsi e ke ke ya fihla ho wena, kotsi e ke ke ya atamela tente ya hao;


Motho ya lokileng o rwetse mahlohonolo hloohong, empa lonya le aparetse melomo ya e mobe.


Ntlo ya e mobe e tla ripitlwa; empa motlotlwane wa ba lokileng o tla tiya.


Ka tlung ya motho ya lokileng ho na le matlotlo; empa leruo la e mobe lona ke pelaelo.


Ya kgabane o lemoha ntlo ya e mobe; Jehova o senya ba babe ka baka la diketso tsa bona tse mpe.


Ha le sa utlwe, le sa hlokomele ho tlotlisa lebitso la ka, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla romela thohako hodima lona, ke rohake dihlohonolofatso tsa lona; e, ke bile ke di rohakile, hobane ha le hlokomele letho.


thohako ha le sa utlwe ditaelo tsa Jehova, Modimo wa lona, mme le kgeloha tsela eo ke le laelang yona kajeno, le latela medimo esele, eo le sa kang la e tseba, le mehla.


O se ke wa kenya ntho e manyala tlung ya hao, esere mohlomong wa neelwa anathema jwaloka ntho eo; e tshabe haholo, mme o e ile haholo, hobane ke anathema.


Haele lona, le fele le tshabe dintho tse entsweng anathema, esere mohlomong la nka ntho tse entsweng anathema, la etsa diahelo tsa Iseraele anathema, mme la di senya.


Ema, o hlwekise setjhaba, o re: Le itlhwekisetse hosasane, hobane ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Anathema e teng ho wena, Iseraele; o ke ke wa ema pela dira tsa hao, anathema e eso ho tloswe hara lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ