29 O se ke wa rera wa heno ka bobe, ha a ntse a ahisane le wena ka kgotso.
29 O se ke wa rerela wa heno bokgopo, empa yena a phela le wena a o tshepile.
Hobane kgotso e hlokwa dipolelong tsa bona, ba rera ditaba tsa ho thetsa ba bonolo ba lefatshe.
Ba ntsha matsoho a bona ho tshwara ba dutseng ka kgotso le bona, ba roba selekane sa bona.
Bona, ba tjhehetse bophelo ba ka maraba, Jehova; banna ba bohale ba nkopanetse, ke se na molato, leha e le sebe.
Ba rerang bobe ha ba lahlehe na? Empa molemo le nnete ke tsa ba rerang botle.
Pelo ya hae e senyehileng e rera bobe kamehla, e jala diphapang;
ke pelo e rerang merero e mebe, le maoto a lebelo ho mathela bobeng;
le se ke la hlorisa mosadi wa mohlolohadi, le kgutsana, le moditjhaba, le mofutsana, le se ke la rerela ngwanabo lona kotsi pelong tsa lona.
le se ke la rerela banababo lona kotsi pelong tsa lona, le se ke la rata kano ya leshano; hobane tseo tsohle ke di hloile, ho bolela Jehova.