26 Hobane Jehova e tla ba tshepo ya hao, a phemise leoto la hao sefi.
26 hobane Morena ke yena letshepa la hao, leoto la hao le ke ke la wela lerabeng.
Borapedi ba hao na hase tshepo ya hao na? Na ha o itshepise ka ho hloka molato bophelong ba hao na?
A ke ke a leseletsa leoto la hao ho kgothometseha; molebedi wa hao a ke ke a otsela.
Ke yena ya o tshwasollang lerabeng la setsomi, lefung le akaretsang.
Ya tshabang Jehova o na le kgotso ya sebelebele, mme bana ba hae ba tla ba le setshabelo.
O tla tiisa maoto a ba mo ratang, bakgopo bona ba tla kgutsiswa lefifing; hobane ha ho motho ya ka hlolang ka matla a hae.