19 Jehova o theile lefatshe ka bohlale, o adile mahodimo ka kelello.
19 Ka bohlale Morena o radile metheo ya lefatshe, ka kelello Morena a ala le mahodimo;
O ne o le kae, mohla ke theang lefatshe? Bolela, ha o ena le tsebo.
Jehova, mesebetsi ya hao e mengata hakakang! O e entse kaofela ka bohlale; lefatshe le tletse matlotlo a hao.
Ya entseng mahodimo ka kelello: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.
Jehova o mpopile ho qaleng ha ditsela tsa hae, mesebetsi ya hae e eso ho be teng, boholoholo.
Ke wona o entseng lefatshe ka matla a wona, o lokisitse lefatshe le ahilweng ka bohlale ba wona, ka hlalefo ya wona o sarolotse mahodimo.
O entse lefatshe ka matla a hae, o lokisitse lefatshe le ahilweng ka bohlale ba hae, ka hlalefo ya hae o adile mahodimo.
Dintho tsohle di entswe ke lona, mme hara dintho tse leng teng, ha ho letho le entsweng kantle ho lona.