17 Ditsela tsa bona ke ditsela tse kgahlehang, mebila ya bona ke kgotso.
17 Tsela tsa bona di a kgahleha, moo bo tsamayang teng ho rena kgotso.
Bokang Jehova! Ho lehlohonolo motho ya tshabang Jehova, ya ithabelang ditaelong tsa hae haholo.
Lentswe la hao le monate hakakang mahalapeng a ka, le fetisa dinotshi molomong wa ka.
Ke ithabela tseleng ya dikeletso tsa hao, jwaloka hoja eka ke ruile maruo kaofela.
Ba ratang molao wa hao ba na le kgotso e kgolo, ha ho kgopiso ho bona.
Jehvoa, ke hlolohetswe poloko ya hao, mme molao wa hao ke dithabiso tsa ka.
Ke tla ithabisa ka ditaelo tsa hao, tseo ke di ratang;
Ditsela tsa Jehova kaofela ke mohau le nnete ho bohle ba bolokang selekane sa hae le ditaelo tsa hae.
empa ba bonolo ba tla rua lefatshe ba iketle kgotsong e kgolo.
Jehova ha a kgahlwa ke ho tsamaya ha motho, o boelantsha dira tsa hae le yena.
Hobane bohlale bo tla kena pelong ya hao, tsebo e kgahlise moya wa hao;
Ho hotle ha o di boloka pelong ya hao, di ntse di dutse hammoho molomong wa hao.
Ya pelo e tiileng o tla mmoloka kgotsong e fetisisang, kahobane o o tshepile.
Jehova ya hlahisang teboho melomong ya motho, o re: Kgotso, kgotso ho ya leng hole, le ho ya leng haufi; hobane ke tla mo fodisa.
hore a bonese ba dutseng lefifing le moriting wa lefu, mme a tsamaise maoto a rona tseleng ya kgotso.
Jwale, ha re beilwe ba lokileng ka tumelo, re na le kgotso ho Modimo, ka Jesu Kreste, Morena wa rona;