14 hobane kgwebo ya jona e fetisa silefera, ho ata ha jona ho fetisa ha kgauta.
14 hoba bo feta silefera ka bohlokwa, ho bo fihlela ke tlotlo le fetang kgauta;
Ke inketse dikeletso tsa hao, e be lefa la ka ka ho sa yeng kae, hobane di thabisa pelo ya ka.
Ke ithabisa ka lentswe la hao, jwaloka motho ya ithabisang ka kgapo e kgolo.
Molao o tswileng molomong wa hao ho nna o fetisa dikete tsa ditjhelete tsa kgauta le silefera.
Ho rua bohlale ho fetisa ho rua kgauta e hlwekileng hakakang! le ho rua masene ho feta ho rua silefera hakakang!
wa e batla jwaloka silefera, wa e rafa jwaloka matlotlo a patilweng mobung;
Tholwana ya ka e monate ho fetisa kgauta, leha e ka ba kgauta e hlwekileng; tse kotulwang ho nna di feta silefera e hlwekileng.
Bohlale bo molemo jwaloka lefa, bo fetisa le lefa ka molemo ho ba bonang letsatsi;
Hobane leha motho a ka rua lefatshe lohle, ha a timeletswe ke moya wa hae, ekaba o ruileng ka lona na? Kapa motho moya wa hae a ka o reka kang?
ke a o eletsa hore o ithekele ho nna kgauta e hlwekisitsweng mollong, o tle o rue; le diaparo tse tsweu, o tle o apare, dihlong tsa bofeela ba hao di tle di se ke tsa bonahala; o ithekele le setlolo sa mahlo, ho a tlotsa ka sona, o tle o bone.