13 Ho lehlohonolo motho ya fumaneng bohlale, ya fihletseng kutlwisiso;
13 Ho lehlohonolo ya iphumanetseng bohlale, ya bileng a fihletseng kutlwisiso,
Kgauta e hlwekileng e ke ke ya bo reka; silefera e ke ke ya lekanyeletswa theko ya jona;
diperela le berile di ke ke tsa bolelwa pela jona; hobane bohlale bo fetisa theko ya korale.
Topase ya Ethiopia ha e lekane le jona, bo ke ke ba theolwa ke kgauta e hlwekileng ka ho fetisa.
Molao o tswileng molomong wa hao ho nna o fetisa dikete tsa ditjhelete tsa kgauta le silefera.
Ho rua bohlale ho fetisa ho rua kgauta e hlwekileng hakakang! le ho rua masene ho feta ho rua silefera hakakang!
Motho ya ikgethang ho ba bang o batla ho ikgahlisa yena a nnotshi; kgalefong ya hae o soma tsohle tsa bohlale.
wa e batla jwaloka silefera, wa e rafa jwaloka matlotlo a patilweng mobung;
Tsohle ke tse utlwahalang ho motho ya nang le kelello, di lokile ho ya fumaneng tsebo.
Hape, ha e mose wane ho lewatle leo o ka reng: Ke mang ya tla tshela lewatle bakeng sa rona ho ya re latela yona, re tle re e utlwe, mme re etse ka yona?