Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 29:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Motho ya lokileng o utlwisisa nyewe ya bafumanehi; empa e mobe ha a e utlwisise, ha a e tsebe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Ya lokileng o hlokomela tokelo tsa bafumanehi, empa ya kgopo yena ha a di natse ka letho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 29:7
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ke ne ke le ntata mofutsana, ke ne ke botsisisa taba ya motho leha ke sa mo tsebe;


Ha ekaba ke hanne tokelo ya mohlanka wa ka e motona, kapa ya e motshehadi, mohla ba tsekisanang le nna,


ha ekaba letsoho la ka le kile la otla kgutsana, kahobane ke bone ha ke emetswe ke ba dutseng kgorong;


Ke tla ithabisa, ke ithabisetse mohaung wa hao; ka baka la hobane o lemohile bomadimabe ba ka, o qamakisitse matswalo a moya wa ka,


Hobane o tla boloka ya lesitsi ha a howa, le ya madimabe ya hlokang mothusi;


Ya ithibang ditsebe hore a se ke a utlwa dillo tsa mosenyehi, o tla lla le yena, empa a ke ke a lemohuwa ke motho.


Ba nonne, ba sotse, le hona ba tlodisa bobe bo ka bolelwang. Ho ahloleng ha ba ahlole, ha ba ahlolele kgutsana, mme ba atleha; ha ba etsetse nyewe ya mafutsana kahlolo.


Ha hao, batho ba rohaka bontata bona le bomma bona; ha hao, moditjhaba o a tujwa; ha hao, kgutsana le mosadi wa mohlolohadi ba hatakelwa.


Banabeso, ekare ha motho a wela molatong o mong, lona bao le leng ba moya, le ke le mo tsose ka moya o mosa; mme o iponele, esere wa lekwa le wena.


Monghadi wa ka a se ke a tsotella motho eo ya bohale, Nabale; hobane o ka lebitso la hae; lebitso le hae ke Nabale (lewatla); mme bowatla bo ho yena. Haele nna, ke le lekgabunyane la hao, ha ke a ka ka bona bahlankana bao monghadi wa ka a kileng a ba roma.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ