A le nqalong e phahamileng ya hae, o rometse mollo masapong a ka, o a qetile; a tjhehela maoto a ka leraba, a nkgutlisa kasanthao, a nneela tshenyehong, ke tle ke shwe ka matsatsi wohle.
Utlwang taba ena, lona baprista, le mamele, lona ba ntlo ya Iseraele, le lona ba ntlo ya morena, le sekehe tsebe, hobane ho ahlolwa lona; hobane le bile jwaloka sefi Mitspe, le jwaloka leraba le tjhehilweng hodima Thabore.
Hobane batho ba jwalo ha ba sebeletse Morena wa rona Jesu Kreste, ba mpa ba sebeletsa dimpa tsa bona feela, mme ba kgelosa dipelo tsa ba se nang molato ka dipolelo tse kgahlehang le ka tse tjhatjhehisang.
Hape, ha re a ka ra ba le polelo e le qekang le ka mohla o le mong, le lona le a tseba, leha e le mano a patang takatso ya moruo; teng re pakwa ke Modimo.
Bahlanka ba Saule ba bolella Davida taba tseo. Davida a re: Hleka le lekanya eka ke taba e bonolo ho ba mokgwenyana wa morena, ke le motho ya fumanehileng, ya sa hlomphuweng na?