Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 29:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ke ka ho loka morena a tiisang mmuso; empa ya amohelang dimpho o a o diha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Ha kgosi e thahasella toka, puso e a tsitsa, kgosi e kgethisang setjhaba haboima e futsanehisa naha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 29:4
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida ya eba morena wa Baiseraele bohle, mme Davida a etsa setjhaba sohle ka ho loka le ka bokgabane.


Yaba Salomone o dula teroneng ya ntatae Davida, mme mmuso wa hae wa tiya haholoholo.


A ho bokwe Jehova, Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena hore a o bee teroneng, o be morena ho kgahlisa Jehova, Modimo wa hao. Modimo o o beile morena wa Baiseraele, ho ba etsa ka bokgabane le ho loka, kahobane o a ba rata, mme o rata hore o ba phedise ka ho sa feleng.


ho o senolela diphiri tsa bohlale ba wona, bo tebileng, bo fetang kutlwisiso ya rona, o ka be o bona hoba bakeng sa hao Modimo o lebetse boholo ba sebe sa hao.


Ho loka le kahlolo ke motheo wa terone ya hao, mohau le nnete di tsamaya pela sefahleho sa hao.


Ke wena o leng matla a morena ya ratang toka, o a tiisitse ho lokeng. O hlahisitse ho loka le tokelo ho Jakobo.


Ho loka ho hodisa setjhaba; empa bokgopo bo se apesa ka nyediso.


Molomo wa morena o bolela ditaba tsa nnete, ha a ahlola a ke ke a fosa.


Ho marena ho etsa ho sa lokang ho manyala, hobane setulo sa borena se tiiswa ke ho loka.


Morena ya dutseng tulo ya kahlolo o fedisa bobe bohle ka mahlo a hae.


Ha morena a ka ahlolela mofutsana ka ho loka, tulo tsa hae di tla tiya kamehla.


Ke ka nna marena a renang; esale ka nna mahosana a laelang ka ho loka.


Ho itswe ke Jehova: Nakong ya mohau ke o utlwile; tsatsing la poloko ke o thusitse; ke tla o boloka, ke tla o bea selekane sa setjhaba sa ka, o tle o tsose naha, o ba arolele mafa a senyehileng;


hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.


Mme tulong tsa hae ho tla dula e mong, ya tlang ho roma molefisi, a qete naha e leng hlophiso ya mmuso, empa o tla fela ka ditshiu di se kae; e ke ke ya eba ka kgalefo, leha e le ka ntwa.


Ba kena ka matsoho a mabedi bobeng, hore ba bo phethe: morena o a qela, moahlodi o ahlolela moputso, e moholo yena o bolela takatso e mpe ya moya wa hae; hammoho ba sothanya ditaba.


Samuele a re ho Saule: O entse ka bothoto, ha o sa ka wa boloka taelo ya Jehova, Modimo wa hao, eo a o laetseng yona; athe Jehova a ka be a tiisitse borena ba hao Iseraeleng ka ho sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ