27 Molotsana ke manyala ho ba lokileng; ya kgabane ke manyala ho motho ya kgopo.
27 Ba lokileng ba nyonya ba sa lokang, ba sa lokang ba nyonya ba lokileng.
Pelo ya bakgopo a e eme hole le nna; ha ke rate ho tsebana le ya bolotsana.
Suthelang hole le nna, lona ba bolotsana, ke tle ke boloke ditaelo tsa Modimo wa ka!
Jehova, ha ke re, ke hloile ba o hloileng? Ha ke re, ke halefetse ba o phahamelang?
Ke ba hloile ka hloyo ya sebele, ho nna ke dira.
Suthelang hole le nna, lona kaofela ba sebetsang bolotsana; hobane Jehova o utlwile lentswe la dillo tsa ka.
Ba ntlhoileng feela ba bangata ho feta diqoba tsa moriri wa hlooho ya ka; bao e leng dira ho nna feela, ba ratang ba ka mpolaya, ba matla haholo; ke lefiswa le seo ke sa se utswang.
Motho o tla roriswa ho lekana bohlale ba hae; empa ya pelo e kgopo yena o tla nyediswa.
Takatso ha e phethehile e monate pelong, mme ho furalla bobe ke manyala ho mawatla.
Morero wa lewatla ke sebe, mme mosomi ke manyala ho batho.
Ba lapetseng madi ba hloya motho ya phethehileng; empa ba lokileng ba sireletsa ho phela ha hae.
Dipolelo tsa Agure, mora Jake; tshenolo eo monna eo a e boleletseng Ithiele le Ukale.
Ka timetsa badisa ba bararo ka kgwedi e le nngwe. Empa ka fediswa pelo ke dinku, le tsona meya ya tsona ya tenwa ke nna.
Le tla hlouwa ke bohle ka baka la lebitso la ka; empa ya tiisetsang ho isa qetellong, ke yena ya tla bolokeha.
Mohlang oo, le tla neelwa ho tshwenngwa, le tla bolawa, mme le tla hlouwa ke ditjhaba tsohle ka baka la lebitso la ka.
Ya ntlhoyang, o hloya le Ntate.
Ke ba file lentswe la hao, mme lefatshe le ba hloile, kahobane e se ba lefatshe, jwalokaha le nna ke se wa lefatshe.
Lefatshe le ke ke la le hloya; empa nna, le ntlhoile, hobane ke ntse ke le pakela hore mesebetsi ya lona e mebe.
Se makaleng, banabeso, ha lefatshe le le hloile.