Marena a hao a ikganetse, a ikentse balekane ba mashodu; e mong le e mong o rata ho nyehellwa, ba mathela meputso; ha ba sa ahlolela dikgutsana, nyewe ya mohlolohadi ha e fihle pela bona.
Ekare ha motho, e leng paki e hlapatshitsweng ka molao, a entse sebe ka ho se bolele seo a se boneng ka mahlo, leha e le seo a se tsebang, o tla jara molato wa hae.
Mme a ruta, a re ho bona: Ha ke re, ho ngodilwe, ho thwe: Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo ya ditjhaba tsohle? athe lona, le e entse lehaha la mashodu!
A re ho mmae: Dishekele tsa silefera tse sekete se nang le lekgolo, tse utswitsweng ho wena, tseo o kileng wa rohaka ka baka la tsona, wa di bolela ke le teng, bona, tjhelete tseo di ho nna; ke nna ke neng ke di nkile. Mmae a re ho yena: Mora ka a ke a hlohonolofatswe ke Jehova!
Jonathane a re ho yena: Tjhe, ha o ka ke wa shwa le ho leka; bona, ntate a ke ke a etsa letho le leholo, kapa le lenyenyane, a sa ntsebise; ntate a ka mpatela taba e kalo jwang? Tjhe, ha ho jwalo.