22 Motho ya bohale o butswela dikgang; ya phakisang ho halefa, dibe tsa hae di ba ngata.
22 Motho ya bohale o baka diqabang, ya hlonameng yena o tletse bokgopo.
Ho rohakwe bohale ba bona, hobane e bile bo tukang, le kgalefo ya bona, hobane e ne e sa qenehele! Ke tla ba qadikanya hara Jakobo, ke ba hasanye hara Iseraele.
Hloyo e hotetsa dikomang, empa lerato le apesa ditshito tsohle.
Motho ya bohale o etsa tsa bowatla, mme ya ditaba tse lonya o a hlouwa.
Motho ya bohale o hotetsa phapang; empa ya diehang ho hlonama o tima dikomang.
Ya ratang komang o rata tshenyeho; ya hodisang monyako wa hae o batla dithako.
O se ke wa tlwaelana le motho ya bohale, o se ke wa tsamaya le ya hlonamang,
Mashala a matsho a etsa mashala a hlenneng, patsi e hotetsa mollo; ho jwalo motho ya dikomang, o tukisa dikgang.
Tshepe e leotsa tshepe; sefahleho sa motho se leotsa sefahleho sa motswalle wa hae jwalo.
Mofo wa hao ha o mo etsa wa mpoane botjheng ba hae, hamorao o tla iketsa e mong wa bara ba hao.
Hobane ho fehla lebese ho hlahisa sereledi; ho penya dinko ho hlahisa madi; mme ho hotetsa bohale ho hlahisa dikomang.
Hobane moo mona le kgang di leng teng, ke moo ho leng moferefere le mesebetsi yohle e mebe.