20 O lemohile lehehle na? Lehlanya le ka tshepisa ho fetisa lona.
20 Motho eo ereng ha a bua a phasolohe, o ka tshepa sethoto ho ena le yena.
Ya diehang ho halefa o na le kelello e kgolo; empa ya pelo e befang kapele o hlahatsa bothoto.
Tjheseho e se nang tsebo ha e thuse letho, mme ya potlakisang maoto a hae o a lahleha.
Merero ya motho ya mahlahahlaha e isa kgoreng; empa ya potlakang o tla wela bofumeng.
Ana o bone motho ya iponang bohlale? Lehlanya le tshepisa ho fetisa eo.
Lehlanya le hlahatsa kgalefo ya lona; empa ya bohlale o a e tshwara, o a e kgutsisa.
Mofo ha a bakiswe ka dipolelo; hobane, leha a ka utlwisisa, a ke ke a hlokomela.
Mofo wa hao ha o mo etsa wa mpoane botjheng ba hae, hamorao o tla iketsa e mong wa bara ba hao.
O se ke wa potlakisa molomo wa hao, pelo ya hao e se ke ya akofa ho bua taba pela Modimo; hobane Modimo o mahodimong, athe wena, o lefatsheng; ha ho le jwalo, mantswe a hao a be a se makae;
Tsebang tsena, banabeso ba ratwang: Motho ka mong a ke a be mafolofolo ho utlwa, a diehe ho bua, a diehe le ho halefa;