Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 29:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Mohla ba lokileng ba atang, setjhaba se ye se thabe; empa mohla ho busang e mobe, setjhaba se ye se lle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Ha ba lokileng ba ngatafala, tjhaba se a nyakalla, empa ha ba kgopo ba busa tjhaba se a lla,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 29:2
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba dititimi di tloha, di potlakiswa ke taelo ya morena. Taelo ya tumiswa le Susane, motse wa moreneng. Mme morena le Hamane ba nna ba dula ba enwa, motse wa Susane wona o tletse maswabi.


Mordekai a tloha pela morena a apere seaparo sa borena sa purepera le sa lene e tshweu, a rwetse moqhaka o moholo wa kgauta, a ena le kobo ya lene le sekarelata. Mme motse wa Susane wa etsa ditlatse, o thabile haholo.


hore motho ya bolotsana a se ke a busa, a se ke a dihela setjhaba.


Ha ba lokileng ba atleha, motse o a thaba; empa mohla ho timelang ba babe, ke ditlatse feela.


Mohla ba lokileng ba hlolang, boiketlo bo teng; empa ba babe ha ba phahama, ho ipatwa ke batho.


Morena ya lonya ya busang setjhaba se fumanehileng, ke tau e purumang, ke bere e lapileng.


Ha ho phahama ba babe, eba batho ba ipata; mohla ba timelang, eba ba lokileng ba ngatafala.


Ke bone taba e mpe tlasa letsatsi, ke phoso e yeng e etswe ke mmusi:


ke hobane bothoto bo ye bo bewe tulong tse phahameng, mme barui ba ye ba dule tulong tse kokobetseng.


Ka boela ka lemoha dihloriso tsohle tse etswang tlasa letsatsi, mme ka bona meokgo ya ba hloriswang, ho mpa ho se ya ba tshedisang. Ka nqa ho bahlorisi ba bona, ka bona bothata, ho mpa ho se monamoledi.


Jwale, Heroda ha a bona hobane o phomilwe ke ba bohlale, a halefa haholo; a romela ho bolaya bana bohle ba Bethlehema le ba naha yohle ya teng, ba lemo tse pedi le ba ba hlahlamang, a lekanya ka nako eo a e botsisisitseng ba bohlale.


Yare ha morena Heroda a utlwa, a tshoha, le ba Jerusalema bohle ba tshoha le yena.


Jwale, lengeloi la bosupa la letsa terompeta ya lona; mme ha utlwahala mantswe a maholo a buang lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mmuso wa Morena wa rona le wa Kreste wa hae, mme o tla busa ka ho sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ