Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 29:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Tshenolo ha e le siyo, ha ho molao setjhabeng; empa ya bolokang molao, o lehlohonolo hakakang!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Tjhaba se sa senolelwang ditaba, se iketsetsa borata, empa ho lehlohonolo ya bolokang molao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 29:18
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova o ne a kokobetsa Bajuda jwalo ka baka la Akase, morena wa Iseraele; hobane a ne a entse ka bohlola naheng ya Juda, a bile a sitetswe Jehova ka mekgwa e mengata.


Ho lehlohonolo ba bolokang melao, ba etsang ka ho loka kamehla!


ALEF. Ho lehlohonolo bao metsamao ya bona e tshepehang, ba yang ka molao wa Jehova!


Ho lehlohonolo ba bolokang dikeletso tsa hae, ba mmatlang ka pelo yohle ya bona,


Mohlanka wa hao o ediswa ke tsona; ho bolokweng ha tsona ho na le moputso o moholo.


Ha re sa bona dipontsho tsa rona; ha ho sa le moporofeta, ha re sa na motho ya ka tsebang hore na ho tla ba jwalo ho isa kae.


Moshe a bona setjhaba hoba ha se sa ikutlwa, hobane Aarone o ne a ba dihetse, hore ba songwe ke dira tsa bona.


Ya bolokang molao o boloka moya wa hae, empa ya sa hlokomeleng tsela ya hae o tla timela.


Mofo ha a bakiswe ka dipolelo; hobane, leha a ka utlwisisa, a ke ke a hlokomela.


Jwale, bana, nkutlweng! Ho lehlohonolo ba yang ka tsela tsa ka.


Setjhaba sa ka se fela ke ho hloka tsebo. Wena, kahobane o nyedisitse tsebo, ke tla o nyedisa, o se hlole o eba moprista wa ka; kahobane o lebetse molao wa Modimo wa hao, le nna ke tla lebala bara ba hao.


Ha a bona matshwele, a a utlwela bohloko, hobane ba ne ba kgathetse, ba saretswe jwaloka dinku tse se nang modisa.


A mpa a re: E, empa haholo ho lehlohonolo ba utlwang lentswe la Modimo, mme ba le boloka.


Ekare ha le tseba taba tseo, le lehlohonolo ha le di etsa.


Empa ya shebisisang molaong o phethehileng, e leng wa tokoloho, mme a tiisetsa teng, e se moutlwi ya hakwang, empa e le moetsi ya sebetsang, motho eo o tla ba le lehlohonolo ho etseng ha hae.


Ho lehlohonolo ba hlatswang diaparo tsa bona, ba tle ba lokele ho ja sefate sa bophelo, mme ba kene motseng ka menyako ya wona.


Haele mohlankanyana Samuele, o ne a ntse a sebeletsa Jehova pontsheng ho Eli. Mehleng eo, lentswe la Jehova le be le hlokeha, mme dipono di ne di sa ata.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ