Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 29:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Thupa le kgalemelo di fa motho bohlale, empa mohlankana ya ipusang o hlabisa mmae dihlong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Thupa le kgalemo di tlisa bohlale, empa ngwana ya tlohetsweng feela, o hlabisa mmae dihlong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 29:15
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa ntatae o ne a sa ka a mo kgalemela le ka mohla o le mong, ka ho re: O etsetsang jwalo? Hape o ne a le motle haholo; ho tswalweng, o ne a hlahlama Absalome.


Diproverbia tsa Salomone. Ngwana ya hlalefileng ke thabiso ho ntatae; empa ngwana ya lewatla ke mapalesapelo ho mmae.


Ya bokellang lehlabula ke ngwana ya bohlale; empa ya robalang ha ho kotulwa, ke ngwana ya hlabisang dihlong.


Ya hlokisang mora wa hae thupa, o mo hloile; empa ya mo ratang o mo laya a sa le monyenyane.


Ya tswalang lehlanya o rua maswabi; ntata lehlaswa a ke ke a thaba ka lona.


Ngwana ya se nang taba o tena ntatae, mme o babisa ya mmelehileng.


Laya ngwana hao ha tshepo e sa le teng; empa o se ke wa mo thoothellwa ho mmolaya.


Bohlanya bo tlameletswe pelong ya ngwana, empa thupa ya tayo e tla bo falatsa ho yona.


Ruta mohlankana tsela eo a tshwanetseng ho e tsamaya; le mohla a tsofalang, a ke ke a e kgeloha.


Laya mora wa hao, o tla o fa phomolo, a nyakalatse moya wa hao.


Mofo wa hao ha o mo etsa wa mpoane botjheng ba hae, hamorao o tla iketsa e mong wa bara ba hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ